TEKANO YA BONG LE MOLAO WA TEKANO
Hobaneng ho ile ha fetiswa Molao wa Tekano?
Molao ona o ile wa fetiswa hore ho fanwe ka matla a molao a tokelo ya tekano e fuperweng ke karolo ya 9 ya Molao wa motheo. Maikemisetso ka kakaretso mona ke ho fedisa kgethollo e nang le leeme le ho kgothaletsa tekano ka ho kenya tshebetsong mekgwa e sebetsang hantle ya ho fetisa ditletlebo.
Ke mang ya jarang boikarabelo ba ho bontsha kgethollo ho latela Molao ona
Ha mokopi a se a butse nyewe e nang le monyetla wa kgethollo, boikarabelo ba bopaki bo itshetlehile ho moqosuwa hore a bontshe hore ho ne ho se na kgethollo jwalo ka ha ho bolediswa kapa boitshwaro ha bo a thehwa ho e nngwe ya ntho kapa ya dintho tse thibetsweng.
Phofu ya kgethollo e lokela ho latela motjha ofe wa tatello ya nyewe ho latela Molao ona?
Nyewe ho latela Molao e ka hlahlelwa ke:
Motho ya emetseng motho e mong ya sa kgoneng ho ikemela;
Motho ya emetseng setho sa sehlopha se itseng kapa mokga wa motho;
Motho ya emetseng tabatabelo tsa setjhaba;
Mokgatlo ofe kapa ofe o emetseng tabatabelo tsa ditho tsa ona;
Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Batho; kapa
Khomishene ya Tekano ya Bong.
Motletlebi a ka leba ho tlelereke ya Lekgotla la Tekano ho ya kenya tletlebo ka ho sebedisa foromo e laeletswang. Tlelereke ya Lekgotla la Tekano e tla thusa phofu ka ho sebetsana le tletlebo ena.
Ke mofuta ofe wa phekolo eo Lekgotla la Tekano le ka laelang hore e be teng?
Lekgotla la Tekano le na le matla a ho fuputsa kopo ho latela Molao le ho fana ka taelo e loketseng tlasa maemo a phuputso e jwalo. Ditaelo tse ka etswang, di kenyeletsa taelo tsa nakwana le tse phatlaladitsweng, ho laela hore ho lefuwe ditshenyehelo, ho laela hore ho kopuwe tshwarelo ntle le pehelo dife kapa dife le ho etsa hore tumellano ya tharollo ya qaka e dipakeng tsa mahlakore a amehang e fetohe taelo ya lekgotla.
TLWAELO YA DITOKELO TSA BOTHO
Qaleho ya ditokelo tsa botho
Kgweletso ya Ditokelo tsa Botho ya Lefatshe ka Bophara (?Kgweletso?) e ileng ya amohelwa le ho phatlalatswa ka la 10 December ka 1948 ke Palamente ya Matjhaba a Kopaneng, e tshwaya tshimoloho ya sebele ya kananelo ya matjhaba ya ditokelo tsa botho. Kgweletso ena e tshwaya le pheletso ya kgopolo ya hore mmuso wa sebele o ka ba teng o itshehlile thajana ditjhabeng tsa lefatshe ebile o ntshetsa pele kapa o okametse kgatakelo ya ditokelo tsa batho ntle le hore mmuso ofe kapa ofe o mong o hlahise makutlo. Kgweletso e ne e le karabelo ya histori ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe ka ho ikgetha dipolao tse sehloho tsa Jeremane ya Manazi.
Kgweletso ena ha e a rerelwa hore e be le tshwaetso e tlamang ya molao dinaheng tse ileng tsa e amohela. E emetse tlhahiso ya maikutlo a tshwanang a dinaha tse tshehetsang Kgweletso ena. E fetohile sekala se sebedisetswang ho lekanya melao ya motheo le ho hlahloba ditlolo tse bolelwang tsa ditokelo tsa botho. E eteletse pele tswalo ya se bitswang hore ?ke tlwaelo ya ditokelo tsa botho? tseo ho ya ka tsona batho feela ba tlwaelehileng ba kgonang ho ipiletsa ho mohopolo wa lefatshe ka bophara wa tshwaro e nang le toka.
Ditokelo tsa botho ke eng?
Ditokelo tsa botho ke e nngwe ya ditshiya tse kgolo tsa demokrasi. Di hlalositswe e le ?metheo e amohelehang ka kakaretso ya tlhokeho ya leeme le toka? kapa ?ditokelo tse amohelehang lefatsheng ka bophara tsa botho tseo eleng tsa batho bohle ka ho lekana hobane e le batho.?1
Tokelo e lokela hore e arohanngwe le bolokolohi le ha ditokelo ha mmoho le bolokolohi ka tlwaelo di hlaha Biling ya Ditokelo. Tokelo ke ntho eo ho tshwanetseng hore ho fanwe ka yona, ntho eo molao o e ananelang e le ya hao (mohlala tekano, seriti). Tokelo ke ntho e o loketseng ho lebella hore dintho tse itseng kapa ditabatabelo tseo setjhaba se di ananelang e le tse ntle, di keke tsa tloswa ho wena.
Bili ya Ditokelo e sebetsa melawaneng kaofela, mme e tlama Makgotla a etsang molao, a Phethiso, le Molao ha mmoho le mekgatlo kaofela ya mmuso.
Pallo ya Bili ya Ditokelo e tlama motho feela kapa motho wa molao ho fihlela moo ebang ho lokela teng, ho ntse ho nkeletswe hlohong sebopeho sa tokelo le sebopeho sa boikarabelo bofe kapa bofe bo behwang ke tokelo.
Bongata ba ditokelo ho Bili ya Ditokelo bo sireletsa bohle.
Motho wa molao o na le tokelo Biling tsa Ditokelo ho fihlela moo ho hlokehang ho latela sebopeho sa ditokelo le sebopeho sa motho wa molao.
Moedi wa ditokelo
Ditokelo Biling ya Ditokelo di ka sehelwa moedi feela ho latela molao o sebediswang ka kakaretso ho fihlela moo moedi ona o utlwahalang teng ebile o na le toka setjhabeng se bulehileng ebile e le sa demokrasi mabapi le seriti sa motho, tekano le bolokolohi, ho nkeletswe hlohong le mabaka a loketseng kaofela.
MOO MOLAO WA TEKANO O TSWANG TENG
Molao wa Tekano o ile wa hlapanyetswa ka la 2 Hlakola 2000. O ile wa simolla ho sebetsa ka la 16 Phupjane 2003.
Boikemisetso ke ho fana ka matla karolong ya 9 ya Molao wa motheo e le thibela le ho sitisa kgethollo e nang le leeme le tlhekefetso ho kgothaletsa tekano le o fedisa kgethollo e nang le leeme, ho thibela le ho sitisa puo e nang le lehloyo.
Bonamo ba Molao
Molao o tlama mmuso le batho bohle. Molao ha o sebetse ho motho ofe kapa ofe oo Molao wa Tekano ya Mosebetsi e sebetsang ho yena le ho fihlella ho yena.
Ha ho na le qabang e amanang le taba efe kapa efe e ileng ya sebetswa ho latela Molao wa Tekano e hlahang dipakeng tsa Molao le pallo ya molao ofe kapa ofe, ntle le Molao wa motheo kapa Molao wa palamente o fetolang ka tsela e hlakileng Molao, pallo tsa Molao di lokela ho behwa ka pele.
Kgethollo ke eng?
Kgethollo e bolela ketso efe kapa efe kapa phoso, ho kenyeletswa le leano, molao, molawana, tlwaelo, boemo, maemo a ditaba ao ka mokgwa o otlolohileng ka a o sa otlolohang ?
a tlisang boima, boitlamo kapa a behang ka mosing; kapa a amohang motho ofe kapa ofe melemo, menyetla, ka lebaka kapa mabaka a sa dumellwang
Kgethollo e ka bakwa ke boitshwaro bo sebediswang (eleng ?ketso efe kapa efe?) kapa ho hloleha ho etsa kapa ho se etse ho hong (eleng ?phoso?).
Kgethollo e ka tswalwa ke leano, molao, tlwaelo, boemo, kapa maemo a ditaba.
Kgethollo e ka etswa ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang. Kgethollo e otlolohileng e etswa ka tsela e seng ntle kapa ka ho tshwaro e kgethollang ka lebaka la le leng la mabaka a hlahisitsweng lenaneng le fumanehang karolong ya 1 ya Molao. Kgethollo e etswang ka mokgwa o sa otlolohang ha e kgethollwe batho ka tsela e itlhalosang ho latela lebaka lefe kapa lefe le hlahang lenaneng (le lebaka lefe kapa lefe le sa hlahang lenaneng karolong ya 1 ya Molao) empa le na le tshwaetso ya kgethollo sehlopheng sa batho se itseng kapa mothong ya itseng.
Kgethollo e lokela ho ba le tshwaetso ya ho:
baka bothata ba ho belesa motho morwalo o itseng, boitlamo kapa ho mo tima menyetla; kapa etsa hore ho be le kgaello ka ho thibela motho ho fumana melemo, menyetla kapa melemo.
Mabaka a kgethollo ke afe?
Botjhaba
Dilemo
Bong le taba ya hore o monna kapa o mosadi
Boimana
Boemo ba lenyalo
Morabe kapa setso sa hao
Tshekamelo ya botona kapa botshehadi
Bodumedi
Botjhaba le puo
Tswalo
Mabaka a mang
Dinstitjhushene le Dibopeho tsa Molao wa Tekano
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e na le matla ho latela Molao wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho wa 1994 a ho mamela ditletlebo tse amanang le kgethollo mme e amohelwa e le foramo e nngwe ho latela Molao wa Tekano.
Khomishene ya Tekano ya Bong e na le matla ho latela Molao wa Khomishene ya Tekano ya Bong a ho mamela ditletlebo tse amanang le kgethollo ya batho ho latela hore ke basadi kapa ke banna (bong) mme e amohela e le foramo e nngwe ho ya ka Molao wa Tekano.
Mosireletsi wa Setjhaba o kgethwa ho latela karolo ya 110 le ya 114 ya Molao wa motheo le Molao wa Mosireletsi wa Setjhaba wa 1994, ho fuputsa ditaba kapa ho sireletsa setjhaba ditabeng tse kang:
Tsamaiso e fosahetseng e mabapi le ditaba tsa mmuso,
Boitshwaro bo sa nepahalang ba motho ya etsang mosebetsi wa setjhaba;
Diketso tse sa nepahalang mabapi le tjhelete ya setjhaba;
boithuiso bo sa nepahalang kapa boo eseng ba molao ba motho ya etsang mosebetsi wa setjhaba;
ketso kapa phoso e etswang ke motho ya etsang mosebetsi wa setjhaba e qetellang e tlisitse leeme le sa lokelang mothong e mong.
Lekgotla la Molao wa Motheo le na le matla a ho mamela ditletlebo ho latela karolo ya 9 (temana ya tekano) ya Molao wa motheo.
Lekgotla le Leholo la Boipiletso le na le matla a ho mamela ditletlebo ho latela karolo ya 9 (temana ya tekano) ya Molao wa motheo.
Lekgotla le Phahameng le na le matla a ho mamela ditletlebo ho latela karolo ya 9 (temana ya tekano) ya Molao wa motheo
Lekgotla le Phahameng le boetse le na le matla a ho dula jwalo ka Lekgotla la Tekano ho latela Molao.
Makgotla a Bomakgistrata a na le matla a ho mamela ditletlebo ho latela karolo ya 9 (temana ya tekano) ya Molao wa motheo. Dikarolo tsa 1 le 16 tsa Molao wa Tekano di qaqisa hore Lekgotla la Makgistrata ke Lekgotla la Tekano.
Lekgotla la Boipiletso la Basebetsi le na le matla a taolo hodima diteleko tsa kgethollo (diteleko tse totobetseng tsa leeme) le diketso tsa kgethollo e nang le leeme, tse etsahalang dibakeng tsa mosebetsi.
Lekgotla la Basebetsi le na le matla a taolo telekong tsa kgethollo (diteleko tse totobetseng tsa leeme) le diketsong tsa kgethollo e nang le leeme dibakeng tsa mosebetsi.
Khomishene ya Puisano tsa Poelano le Tharollo (CCMA) e na le matla a taolo telekong tsa kgethollo (telekong tse totobetseng tsa leeme) le diketsong tsa kgethollo tse etsahalang mosebetsing bakeng sa ho tlisa poelano fela.
Lekgotla la Ditseko tsa Mobu le thehilwe ho latela karolo ya 22 ya Molao wa Kabo le Ditokelo tsa Mobu le karolo ya 166(c) ya Molao wa motheo ho etsa monyetla wa kabo ya ditokelo tsa mobu bathong kapa ditjhabeng tse ileng tsa nkelwa ditokelo tsa bona tse jwalo ka morao ho la 19 Phupjane 1913 ka lebaka la melao e fetileng ya kgethollo ya batho ho latela morabe kapa ditlwaelo.
Selelekela sa Khomishene ya Tekano ya Bong
Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) ke e nngwe ya Institjhushene tsa Kgaolo ya 9 tse Tshehetsang Demokrasi ya Molao wa motheo e hlahang karolong ya 181 ya Molao wa motheo. Matla a yona a thomo ho latela molao wa motheo ke ho kgothaletsa tlhompho ya tekano ya bong le tshireletso, ntshetsopele le ho fihlellwa ha tekano ya bong.
CGE e ikemetse mme e sebetsa feela ho latela Molao wa motheo le molao. E lokela hore e hloke leeme mme e sebedise matla a yona ntle le tshabo, thuso kapa leeme2 E laolwa ke Molao wa Khomishene ya Tekano ya Bong wa 19963 o tsepamisang hantle matla a yona a batsi le msebetsi ya yona. Matla a ka sehlohong le mesebetsi ya Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) ke ho hlokomela le ho hlahloba maano le ditlwaelo tsa mmuso ha mmoho le institjushene tsa praevete;
thuto ya setjhaba le lesedi ho etsa dikgothaletso mmusong ho ntshetsa pele tekano ya bong, ho kenyeleditswe diphetoho molaong o teng le ho hlahisa ditshisinyo tsa molao o motjha;
ho rarolla qabang tse amanang le kgethollo ya bong ka ditherisano, poelano le dipuisano;
ho fuputsa tlhokeho ya tekano ya bong; le ho hlokomela boinyalanyo le ditlhoko tsa matjhaba tse kgothaletsang tekano ya bong
Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) e na le matla a bohlokwa a amanang le ho fuputsa tlhokeho ya tekano ya bong. Ntlheng ena, CGE nakong ya yona ya diphuputso e ka -
hloka ho motho ofe kapa ofe dintlha tse hlokehang tse utlwahalang le lesedi;
hloka hore motho ofe kapa ofe a hlahe ka pele ho yona le ho hlahisa diathekele tse ikgethang le ditokomane;
hloma motho ofe kapa ofe dipotso tlasa kano;4
sebedisa matla a taelo e ntshitsweng ke makgistrata kapa moahlodi ho fuputsa motho ofe kapa ofe, ho kena le ho fuputsa sebaka sefe kapa sefe le ho hapa kapa ho nka ntho efe kapa efe mothong kapa sebakeng eleng ntho e nang le kamano le diphuputso.5
Matla a Khomishene a tsheheditswe ke qobello ya tlolo ya molao mme ho hloleha ho sebedisana le diphuputso tsa Khomishene ho nkwa e le tlolo ya molao le ho jara boikarabelo ba kotlo ya tefiso bakeng sa molato kapa ho hlola tjhankaneng dikgweding tse fihlang ho tse 6.
Khomishene nakong efe kapa efe, e ka atamela Mopresidente kapa Palamente mabapi le taba efe kapa efe e amanang le tshebediso ya matla a yona kapa tshebetso ya mesebetsi ya yona. Khomishene e lokela ho tlalehela Mopresidente ka tsa tshebetso ya yona le tseo e di fihleletseng selemo le selemo mme Mopresidente yena o lokela ho nehelana ka tlaleho ena palamenteng ka potlako. Khomishene e ka nna ya nehelana ka tlaleho efe kapa efe ho Mopresidente kapa palamente neng kapa neng.
Khomishene ya Tekano ya Bong e ka hlahlela nyewe tlasa Molao wa Kgothaletso ya Tekano le Thibelo ya Kgethollo e nang le Leeme, mohlomong ka thahasello ya yona, molemong wa setjhaba kapa lebitsong la motho e mong kapa molemong wa sehlopha sefe kapa sefe sa mokga wa batho o qoholotsweng.
Ho feta mona, Khomishene ya Tekano ya Bong (CGE) ke foramo e nngwe bakeng sa Molao oo. Hona ho bolela hore mohlanka ya tsamaisang Lekgotla la Tekano a ka nna a fetisetsa taba e itseng ho CGE hore e sebetswe ho latela matla le mesebetsi ya Khomishene ya Tekano ya Bong.
Karolo ya 181 , Molao wa motheo.
Molao wa 39 wa 1996.
Karolo ya 12, Molao wa Khomishene ya Tekano wa 39 wa 1996.
Karolo ya 13, Molao wa Khomishene ya Tekano wa 39 wa 1996.
